Lekala la Mesebetsi ea Sechaba le kena lipakeng tsa Sechaba le Mokonteraka
Lekala la Mesebetsi ea Sechaba ka letona Mohlomphehi Lebohang Monaheng le bohlanka le bile lebatooeng la Matlakeng Botha – Bothe ka la 29 Hlakubele, 2022. Ketelo ena e tsoetsoe ke ho se khotsofale hoa sechaba sa moo ka mokonteraka ea abetsoeng mosebetsi oa ho aha borokhoana ba Khapung-Liphofung.
Re ka hopotsa Sechaba hore Mohlompheli Tonakholo o ile a khakola letšolo la tokiso le khaho ea marokhoana le litsela ngoahola tlasa lefapha la likoluoa leo a ileng a le reha “Phau Manyetse”. Borokhoana bona ke ba a mang a ileng a oela tlasa letšolo lena.
Hara tse ling tsa litletlebo tsa sechaba e bile hore Mokonteraka o sa nkile nako e telele ho feta eo a neng a e filoe ebile joale a se a sa bonahale le sebakeng sa tšebetso. Ba supa hore ho na le basebetsi bao esale ba kena tšebetsong ka Tšitoe ngoahola, empa le kajeno ha ba eso lefuoe ‘me ha ba tletleba ka litaba tsena ho eena mokonteraka e ba o tla ba behella ka thoko ho ts’ebetso.
Sechaba se boetse sa bontša hore nokana ena e se e ena le mahlatsipa, kaha e se e nkile batho ba ‘maloa leha ba ile ba pholosoa. Litaba tsena li hlalositsoe ha li etsahetse hobane Mokonteraka a sentse ho feta ho lokisa. Ba ile ba kopa hore Mokonteraka a lokolloe tšebetsong ho batloe e mong ea tla qetela mosebetsi le hore bao ba kolotoang ba lefshoe kapele-pele.
Moifo oa Lekala o ile oa fuoa nako ea ho araba litletlebo tsena tsa sechaba, Mofumahali ‘Mafusi Mphahama ho tsoa Setsing sa Litsela (Roads Directorate). Eena o bontšitse hore Mokonteraka o ne a filoe nako ea likhoeli tse hlano empa joale o se a nkile selemo empa joale tšebetso ea hae e ntse e le mangoeleng. O itse leha ho le joalo, liqholotso li bile teng tsa maemo a lipula tse ngata ho tloha ka nako eo a neng a qala mosebetsi, ‘me ho na le nako eo a neng a qobelleha ho ema. Hase hore ka ho rialo Lekala lea mo tšireletsa.
Mofumahali Mphahama a bontša hore ba ile ba eletsa Mokonteraka hore a ke a kope thuso ho Mekonteraka e meng e meholo ho eena kapa ho e seng e qetile tšebetso e tšoanang ba ikopanye ba sebetse kapele ho pholosa sechaba.
Mofumahali ‘Mathapelo Daemane ho tsoa Roads Directorate le eena o ile a beha hore ke ‘nete Mokonteraka o kene tšebetsong a sena chelete empa o ile a fuoa chelete pele ea ho qala (advance), ka hona ha ho na lebaka la hore ebe o nkile likhoeli tse ngata hakalo a sa lefe basebetsi. A re ba tlo sebetsa le mokonteraka ho tloha mona ho bona hore ba lefshoa lichelete tseo tsa bona le hore mosebetsi o fela kapele.
Mokhethoa oa Lebatooa la Matlakeng Mohlomphehi Moshe Leoma o bile teng, ‘me o itse o na lakatsa ha Mokonteraka a ka behelloa ka thoko a ka itokise pele ho kene e mong. A re le ha ho le joalo o nka litaba tsa Lekala hore ba lokise ka moo ba seng ba boletse. A khothaletsa hore ho thehoe komiti ea sechaba ka tataiso ea komiti ea ntlafatso ho bona hore litaba tsa ho lefshoa ha basebetsi li phethoa ka potlako. A tsoela pele ho leboha Letona la Lekala la Mesebetsi ea Sechaba ka ho sebetsa taba ena ka potlako e kaalo le sechaba ka ho se sebetse litaba ka makoebeta.
Mohlomphehi Monaheng ha a akhela molangoana oa hae o itse o leboha Sechaba sena ka khotso e kaalo eo ba sebelitseng litaba tsena ka eona. A re ho ne ho sena lebaka la ho se tle sechabeng hobane ba sebeletsa sona e bile joale ba sebelitse litaba ka boitlhompho bo joalo. O itse Mokonteraka enoa o mocha-cha tšebetsong ena ‘me sepheo sa Lekala ke hona hore le ba kang enoa ba abeloe mesebetsi ba tsebe ho hola joalo ka ena e meng kaha le eona e qalile joalo. A supa hore pele khoeli ea bone e fela o etsa taelo hore bohlanka bo be bo sebelitse litaba tsena kaofela tema e bonahala. Mohlomphehi a re o kopela Mokonteraka eo tšoarelo ho sechaba empa le eena a tiise mangole kaha tšebetso ena e se bonolo, a sebetse ka thata hore a sebeletse ho hola ‘me Lekala ha le na ho mo lahla kherehloa le tla ‘ne le mo tataise ka nepo. A leboha Mohlomphehi Mokhethoa oa Lebatooa ka mofuthu oo ba sebelitseng taba ena ka oona.
