Lekala le Pholosa Bophelo ba Sechaba ka Khaho ea li-‘Motomoto tse 13

Letona la mesesebetsi ea Sechaba Mohlomphehi Lebohang Monaheng o re ke boikarabello ba Lekala ho aha litsela le marokho a bolokehileng, leha morao tjena ho bonahala bophelo ba karolo e ‘ngoe ea sechaba bo fella mebileng ka ho chaisoa ke likoloi. Likoloi tse ling ke tse mathang ka lebelo le phahameng, ‘me litaaso le tsona li tšela tsela moo ho sa bolokehang. A re ho tlile tlhokomelong ea Lekala hore ho na le matlo a thekiso ea mothamahane a haufi le litsela, ‘me sena se qetella se baka likotsi ka lebaka la batho ba kenang ka tseleng ba leng tlasa tšusumetso ea tai. Tsena Mohlomphehi Monaheng o li buileng nakong ea ‘moka oa baphatlalatsi le baqolotsi ba litaba Maseru ka Labohlano la la 14 Motšeanong, 2021.
Download Lintlha tsa puo ea mohlomphehi letona la mesebetsi ea sechaba
Mokhahlelong ona li-‘motomoto li tla ahoa libakeng tse latelang:
White Hill
Ha Sekake
Morija
Ha Moitšupeli
Thaba-Bosiu
Ha leqele
MASOWE
Khubetsoana
Ha Foso
Lekokoaneng
Tsikoane
Likalaneng
St. Michaels