Letona le Laea Bahlanka Selemong se Secha
Nako ena ea selemo ke moo bahlanka ka Mafapha a bona ka ho fapakana, ba lokelang ho qala mosebetsi ka mafolo-folo kamora phomolo ea mafelo a selemo le ho amohela selemo se secha molemong oa sechaba sa Basotho le kholo ea moruo. Ana ke mantsoe a Letona la Lekala la Mesebetsi ea Sechaba Mohlomphehi Lebohang Monaheng ha a buoa le baokameli ba Lekala kopanong ea pele e bileng ka mantaha oa la 3 Pherekhong, 2022.
Mohlomphehi Monaheng o itse bohle ba kutlele morao ho hlahloba meralo ea bona ea kotara ea ho qetela ea selemo sa lichelete ele ho bona hore na tse salletseng morao ke life hore ba tsebe ho li fenyeletsa ka katleho. O boetsa a ipiletsa ho bohle ho tla mosebetsing joalokaha ba lebeletsoe a re “ke ‘nete Covid e teng, ‘me re tlameha ho ithuta ho phela le eona le ho itlhokomela. A re ho bile le mafu a mang pele ho Covid 19 a kang HIV/AIDS le Lefuba ‘me a ntse a le teng le kajeno”. Mohlomphehi a hopotsa bohle baokameli hore ba fele ba okamele hobane ba fuoe matla a joalo, eseng bona ba okameloe ke batho ba tlasa bona.
Letona la tsoetsepele ho bontša hore bohle ba filoeng boikarabello ba bo phethe, ba sebetse ka khotso, lerato le bo-nngoe ele sehlopha se matla. A re sena se tla thusa Lekala ho fihlela thomo ea lona eo le e filoeng ea ho holisa moruo oa naha ka khaho ea marang-rang a litsela le marokho a nolofaletsang sechaba ho fihla litšebeletso tse kang tsa bophelo, likolo le tse ling. O itse ke ‘nete liphephetso li teng, empa bohle ba lokela ho tla ka litharollo; a qetella ka hore bohle ba qobe ho bakelana mathata ba sebetse ba tšoarane ka matsoho.
