Liqholotso tsa Lipula Tsa Matlopo-tlopo
Ho bonahala phethoho ea boemo ba leholimo e amme linaha tsa lefatše ho kenyeletsoa le Naha ea Lesotho. Sena se bonahala ka lipula tse nang ka bongata le ka likhohola libakeng tse ling. Ke selemong sa 2021 ka khoeli ea Tlhakubele ha ho ne ho khakoloa morero oa tokiso ea litsela le marokho a ileng a nkoa ke metsi. Morero o tsebahala ka ‘Letšolo la Phau-Manyetse’. Amang a marokho a ile a qalelloa ho lokisoa le ho ahoa bocha ke bo tseleng ea Kepi-Telukhunoana holima noka ea Teya-Teyana.
Ke nakong ena eo Letona la Mesebetsi ea Sechaba Mohlomphehi Lebohang Monaheng a ntseng a potoloha le naha ho hlahloba boemo ba litsela le marokhoa a fumaneng hore amang a marokhoa a neng a qaliloe, karolo e ‘ngoe ea motheo e hohotsoe ke metsi. Lipula tsena li bakile tšenyo e kholo, ka Mantaha oa la 27 Tšitoe Mohlomphehi Monaheng o ile a phallela sealuma se utloahetseng ka borokho bo ritsitseng ba Tsoaing tikolohong ea Matelile. Mohlomphehi Monaheng o bontšitse hore ha ho sa na batho ba tlamehang ho sebelisa borokho kaha ke ho beha bophelo tlokotsing. O ile a ipiletsa ho sechaba ho se leke ho sebelisa borokho empa ba sebelise litsela tse ling ha Lekala la habo le ntse le etsa mekuto ea ho tla ka tharollo.

