Puo ea Letona le Khabane la Mesebetsi ea Sechaba le Lipalangoang, Mohlomphehi Prince Maliehe ea ho Phethola Lekote la Khaho ea Tsela ea Marakabei – Monontša
Protocol:
Lekala la h’eso, le filoe boikarabelo bo boholo ba ho loantša bofuma le ho nyolla moruo oa naha. Sena re se etsa ka ho haha litsela, marokho le marokhoana a maoto e le hore sechaba se phethe maeto ha bobebe ho finyella likhubung tsa khoebo esita le moo ho fanoang ka litsebeletso.
Ke motlotlo haholo hore ebe kajeno, ‘Muso o arabela sello sa lona, ‘me boliseng ba ka, Lekala la Mesebetsi ea Sechaba le Lipalangoang le phethahatsa thomo ena ea bohlokoa. Thomo ena ea ho aha tsela ea lets’oana e kopanyang Ha Marakabei le Mononts’a. Lekala la heso le tlo etsa tsela ka mokonteraka ea bitsoang China Geo Engineering Corporation.
Mesebetsi e tlo hlahisoa ke morero ona oa khaho ea tsela e hakanyetsoa ho makholo a ts’eletseng (600). Ho boetse ho filoe mokonteraka pehelo ea hore karolo ea mashome a mararo lekholong (30%) ea litjeo tsa morero ona li abeloe mekonteraka ea Basotho.
Bo Ntate le Bo ‘Mé,
Ke rata ho ipiletsa ho lona ho sebelisana hantle le mokonteraka nakong ea khaho ea tsela ena le litabeng tsa matšeliso a litša le masimo. Tebello ea ka ke hore le litabeng tsa lihloliloeng tse kang, lehlabathe, koari ekasitana le metsi tse tla sebelisoa khahong ea tsela ena, makhotla a puso ea libaka a tle a sebelisane le mokonteraka hantle.
Ho na le tloaelo e mpe e bonahalang e jele setsi libakeng tse ling, moo e reng hang ha mokonteraka a qeta ho aha tsela, ho bonahale sechaba se senya le ho ikukela matšoao a tsela. Motho ea senyang thepa le matšoao a tsela, ha a tlole molao feela empa ebile o beha le maphelo a basebelisi ba tsela e joalo tsietsing hobane ha tsela e hloka matšoao a tataisang baqhobi, monyetla oa likotsi o oa eketseha le maphelo a ba tlokotsing.
Bo Ntate le Bo ‘M’e,
Letsatsing la kajeno ha ke a lokela ho bua lolo-lolo kaha mosebetsi oa ka e le ho fiela mabala hore Mohlomphehi Tona Kholo a tsebe ho etsa mosebetsi oo re tlileng ka ona koano; e leng oa ho tla phethola lekote la khaho ea tsela ena ea Ha Marakabei ho ea Monontša.
Kea leboha.