Puo ea Mohlomphehi Tona-Kholo Dr. Motsoahae Thomas Thabane ea ho Bula ka Molao Tsela ea ALWYN’S Kop-Tele, Quthing
Ke motlotlo haholo hore ebe lebitsong la ‘Muso oa Motlotlehi, letsatsing lena la kajeno ke eme kapele ho lona bohle ho tla bula mosebetsi ona o moholo oa tsela oo e leng karolo ea leeto le le lelele leo ‘Muso o keneng ho lona ho phethahatsa ts’episo ea ona ho sechaba sa Basotho. Ts’episo ea ho fenya sera se seholo sa Basotho: bofuma le tlala.