News Detail

CBS Support June 13, 2022

Sechaba se Bineloa ka Leano

Ke boikarabello ba Lekala la Mesebetsi ea Sechaba ho bona hore ho ba le taolo mesebetsing e meholo ea khaho ebang ke ea litsela kapa ea meaho molemong oa kholiso ea moruo; mantsoe ana a beiloe ke Letona la Mesebetsi ea Sechaba Mohlomphehi Lebohang Monaheng ha a buisana le sechaba Mokhotlong nakong ea ho teka leano la tsamaiso ea lefapha la meaho le litsela (Local Construction Industry Policy) sechabeng.  Sechaba se lebeletsoe ho kenya letsoho le ho tlatsetsa khahong ea leano lena, ele hore ho phethahatsoa hoa lona ho be bobebe hobane bohle ba bile le seabo. Mosebetsi o etsahetse Mokhotlong ka Laboraro la la 08 Phuptjane.

Leano lena le tlo thusa hore ho be le taolo litabeng tsa khaho le ntlafatso ea mesebetsi e meholo e kenyeletsang litsela, marokho, matla, metsi le tse ling.  Ha leano lena le se le fetile, ho tla latela molao’, ‘me ho tla thehoa  lekhotlana la tsamaiso.

Mohlomphehi Monaheng o ile a etela literekeng lipakeng tsa khoeli ea Hlakola le Tlhakubele ka sepheo sa ho hlalosa litaba tsa mekhahlelo ea mekonteraka (categorization), ‘me o ile a tšepisa sechaba hore o tla khutla ka litaba tsa leano, ke mona o phethahalitse.  Hara litaba tseo a neng a li buoa ka nako eo, ebile ho khothaletsa mekonteraka ho theha mekhatlo ea litereke e tla thusa hore ho be bonolo ho sebetsa litaba tsa bona le ho thakelana ka malebela.  Setereke sa Mokhotlong ebile bo pula-maliboho tabeng ena kaha ba ile ba mema Mohlomphehi Monaheng ho khakola Mokhotlong Contractors Association e seng o ngolisitsoe ka moalao.

Moifo oa Lekala o etelletsoeng-pele ke Mongoli e Moholo Mofumahatsana Tšepang Koele o ile oa fetela Botha-Bothe ka Labone la la 09 Phuptjane ka sepheo se tšoanang sa ho hlalosetsa sechaba ka litaba tsa leano le ho nka maikutlo.  Mekonteraka ea setereke seo e ile ea leboha bo-teng ba moifo ‘me ba hlahisa tse ling tsa liqholotso tse khinang kholo ea khoebo ea bona.  Moifo o tla fetela literekeng tse ling ka sepheo se tšoanang.  Mongoli e moholo o ile a khothaletsa mekonteraka ea Botha-Bothe ho tsosolosa mokhatlo oo ba kileng ba eba le ona kapa ho theha o mocha.

 

Leave a Comment

Your email address will not be published. Required fields are marked *