Motsamaisi oa tšebeletso ena, ntumelle ke ise litumeliso tsa ka ho:
- Motlotlehi Hlooho ea Naha,
- Mookameli oa Ntlo ea Senate,
- Motsamaisi oa Lipuisano ka Lekhotleng la Sechaba,
- Ea tšoereng Molepo e le Moahloli e Moholo oa Lekhotla le Phahameng,
- Motlatsi oa Tona kholo,
- Marena a Sehlooho a setereke sa Botha-Bothe e leng oa Likila le oa Makhoakhoa,
- Matona le Batlatsi ba Matona a ’Muso oa Motlotlehi,
- Bahlomphehi litho tsa Paramente ea Lesotho,
- Bahlanka bohle ba sechaba ba teng koano,
- Baphatlalatsi le Baqolotsi ba Litaba, le Litsi tsa Khaso,
- Bo ‘M’e le bo Ntate.
Ke motlotlo hore ebe letsatsi le chabile kajeno, ’me re seterekeng sa Botha-Bothe, hona ha habo Mechachane, ho tla thakhola khaho ea tsela ea letšoana e kopanyang Ha Marakabei le Monontša. Tsela ena e paroletsa kahare ho mabatooa a mabeli, e leng a Hololo le Mechachane. Ke mabatooa a nang le metse e meholo e nang le sechaba se sengata.
Khaho ea tsela ena eo e saleng e le tabatabelo ea lona ea nako e telele, lona Makhoakhoa le Likila, ke phethahatso ea boikarabello le boitlamo ba rona re le ’Muso oa 4X4 tsa ho isa litšebeletso sechabeng. Ngongoreho ea rona ea bosiu le motšeare re le barumuoa ba lona, ke ho fenya bofuma le tlala, ekasitana le ho nolofatsa maphelo a Basotho e le hore bohle re phele ka boiketlo. Morero ona oa tsela o tla akofisa litšebeletso hobane maeto a Sechaba sa tikoloho ena, ekasitana le a Sechaba sa Basotho ka kakaretso, a se a tla phethahala habonolo le ka pele ha tsela ena ea letšoana e phethetsoe.
Kajeno, sello sa lonaLikila le Makhoakhoasa nako e telele se arabetsoe. Bothata ba bakhachane le bakuli ba neng ba tsamaea nako e telele tseleng e mpe ho ea fihla setsing sa bophelo Qholaqhoe bo tliló rarolleha ha tsela ena e phethetsoe. Lenane la makoloi a baeti le tla nyoloha, ’me ha le sa tla emela likoloi tsa baeti nako e telele ho ea toropong Botha-Bothe kapa lelibohong Monontša. Moo tsela e leng teng lintlafatso lia eketseha, kaha joale tsela e tliló ba ntle ’me tšenyeho ea makoloi e tla theoha.
Ho feta mona, khaho ea tsela ena e tla arabela sepheo sa kholiso ea moruo kaha har’a tse ling, le ho ntlafatsa khoebo le khoebisano lipakeng tsa naha ea Lesotho le Afrika-Boroa ekasitana le lefatše lohle kaha boholo ba thepa e tsoang linaheng tse ling tsa Afrika le mose ho maoatle e fihla ka likepe Natala.
Bo ‘M’e le bo Ntate,
Ba bangata le tla hopola hore ho ea mafelong a selemo sa 2017, ho ile hoa ba le phatlalatso ea hore mokonteraka o tla qala mosebetsi oa khaho ea tsela ena, empa morero ona oa se ke oa tsoelapele. Ke rata ho hlalosa hore nakong eo, Lekhotla la Matona le ile la sebetsa kabo ea mosebetsi ona le ipapisitse le matla ao le nang le ona ho latela tsamaiso ea Naha, empa ha morao hoa elelloeha hore chelete e neng e shebetsoe ho sebelisoa sebakeng sa morero ona e ne sa hlopheloa hantle hore e sebetse. Hang hoba ’Muso o hlokomele sena, o ile oa emisa morero ona, e le hore o tle o qaloe hang ha litlhophiso tsohle tse lokelang li phethetsoe. Kajeno re phethahatsa morero ona o bileng moholo-hali molemong oa Likila le Makhoakhoa.
Ha ho qeea-qeeo hore khaho ea litsela ke mokokotlo oa moruo, ebile e akofisa litšebeletso tse fanoang ho sechaba. Ka lebaka leo, ho tla ba bobebe hore likhoebo li buloe metseng ea lona mona ho le fokoletsa maeto a ho ea litoropong tse hole. Ka tsela e tšoanang, litsebeletso tsa ’Muso, tse kang tsa bo Sepolesa, li tla ntlafala kaha ha le ba hlabela patsana ba tla phalla ka potlaka ka lebaka la bobebe ba ho tsamaea, ’me ba fihle moo litlolo tsa molao li etsahalang, ekasitana le ho pholosa maphelo pele a timela kapa le hona ho fihla ka nako pele litlolo tsa molao li etsahala.
Sechaba sa heso,
Ke sa le hona moo, ntumelleng ke nke monyetla ona ho boela ke hopotsa sepolesa ka boikarabello ba sona, ba ho ba mothusi, e seng mohlorisi, ho ba motsoalle, e seng sera, ho Sechaba sena sa Basotho. Ke tšoenyehile haholo ke litlaleho tsa botlokotsebe le litlolo tsa molao tse etsoang ke a mang a Mapolesa, a lekang ho senya seriti se setle sa Sepolesa sa Lesotho le hona ho silafatsa puso ea rona.
Bo‘M’e le bo Ntate,
Ha re ka ke ra mamella, le hanyane feela, ho hlorisoa le hona ho bolaoa hoa Sechaba ke bahlanka ba sona ba tšepetsoeng ho se sireletsa. Ke laetse Letona la Sepolesa le Mookameli oa Sepolesa hore ba nke bohato bo matla khahlanong le litlokotsebe tseo le baetsana ba tsona. Ha ke na ho phomola hofihlela ba phethisa ho hlomola meutloa ka hare ho Sepolesa.
Ke boele ke itome mohatla ka ho thoholetsa Mapolesa a ntseng a ituletse holim’a kano ea bona, ea ho ba mothusi motsoalle.
Bo ‘M’e le bo Ntate,
Le lipaki tsa ka hore ka lebaka la sebopeho sa naha ea habo rona e lika-likelitsoeng ke naha ea Afrika Boroa, ‘me ebile e le hole le maoatle, boholo ba maeto, ekaba a khoebo, litšebeletso tsa bophelo, thuto, ekasitana le a mang, a phethoa ka litsela. Ha litsela li le maemong a mabe, sena se ama litšebeletso tsohle tseo ‘Muso o fanang ka tsona ho sechaba, ‘me merero e metle ea ntlafatso ea sechaba e qetelle e sa fihle moo e hlokahalang teng.
Tsela ena e tla theola tšubuhlellano ea sechaba se sebelisang leliboho la Maputsoe le la Caledonsport Botha Bothekaha joale sechaba sa tikoloho ena se tla sebelisa leliboho la Monontša. Ho hlakile ke hona hore ‘Muso o tla lokela ho ntlafatsa leliboho lena ka meaho le bosebeletsi e le hore le tle le tsebe ho arabela litlhoko tsa lipalo tse tla eketseha tsa sechaba ho tšela lelibohong lena.
Bo ‘M’e le bo Ntate,
Sebaka sena sa Makhoakhoa ke se seng sa libaka tse nang le mobu o nonneng oa temo kahare ho Naha. Bohle re bone lekhaba le letle, le letalana le aparetseng tikoloho ena. Tebello ke hore le masimo a neng a se a sa lengoe beng ba ona ba tla qalella ho alema ha tsela ena e felile kaha ho tsamaisa lipeo le thepa ea temo ho se ho tla ba bobebe le hona ho isa lihlahisoa tsa temo ho baji limmarakeng Botha-Bothe, Hlotse le Maputsoe, le Maseru koana moo re phelang ka ho reka meroho le lijo-thollo.
Kathoko ho mona, sebaka sena se setle haholo, se khabile ka lithaba le liphula tse khahlang mahlo. Kahoo, khaho ea tsela ena e tlilo ntlafatsa bohahlaoli haholo sebakeng sena kaha ke lumela hore bahahlauli ba bangata ba tla e sebelisa ho ea Mokhotlong, Thaba-Tseka ekasitana le motse-moholo Maseru.
Ke leano la ‘Muso hore mererong e meholo joalo ka ona, sechaba sa moo morero o leng teng se tšoarise matsoho mesebetsing e hlahisoang ke morero. Ke tlalehetsoe hore ke bonyane batho ba ka bang makholo a mahlano le mashome a mahlano ba tla fumana mosebetsi morerong ona oa tsela.
To our Development Partnersand friends present here today,
The Government of Lesotho considers roads infrastructure as one of the most critical factorsin the effort to rejuvenate Lesotho’s economy and alleviate poverty. Roads infrastructure is of vital importance if Lesotho were to develop and integrate its economic activities. The country is, however, faced with geographical peculiarities, which although they hold tremendous tourist potential for the country on the one hand, but they also pose enormous challenges for the development of transport infrastructure resulting in very high per kilometre cost.
The Ha Marakabei – Monontša road will form one of the most important arterial roads in the country and will serve quite a significant population. The road also traverses through rich soils suitable for crop farming that border the Caledon River with this zone characterized by one of the most intensive maize growing in the country. It also serves as a border access road to Monontša Border Post with South Africa.
Once completed, the road will enhance agricultural activity and tourism whilst enabling accessibility to South African ports.
To China Geo Engineering Corporation, I wish to reiterate to you that you have been entrusted with the construction of this huge project which will have a considerable impact on Lesotho’s economy. The Government and the Basotho Nation are expecting you to construct a road of high quality. The Government, through the Ministry of Public Works and Transport, will give you all the necessary supportthat you need to execute this project and in return we expectyou to deliver a quality project – a road that will last for countless of years.
Bo ‘M’e le bo Ntate
Ke hlokometse hore tsela ena e tla parola kahare ho metse, ha libakeng tse ling e tla parola hará masimo. Ke rata hore ke bue le bahlanka ba Lekala la Mesebetsi ea Sechaba la Lipalangoang le le teng hore ba be hlokolosi ka hohle-hohle hore batho bohle bao thepa tsa bona li tla angoa ke morero ona ba sebeletsoe ho latela maano a teng a ’Muso, me ba sebeletsoe ka nako. Ke boetse ke lakatsa hore ke re ho lona bahlanka, joalo kaha le le litsebi tsa litsela, ebang leihlo le nchocho ho hlokomela hore tsela ena ha e phethetsoe, ha e tlise litholoana tse bohla ho baahi ba metse eo e fetang ho eona.
Joalokaha ke boletse pejana, sepheo sa ’Muso ke ho phunya lithaba tsa Lesothoho kopanya libaka tsa loti le mabalane. Kathoko ho morero oa khaho ea tsela ena e kopanyang Ha Marakabei le Monontša, mafelo a selemo se fetileng, re ne re le Qacha’s Nek re thakhola morero oa khaho ea tsela ea letšoana e kopanyang Ha Mpiti le Sehlaba-Thebe.
’Muso o boetse o eme ka maoto ho kokota mamating a bafani, ho fumana chelete sebakeng sa khaho ea tsela ea letšoana e kopanyang toropo ea Thaba-Tseka le Katse.Kathoko ho mona, ke boikitlaetso ba ’Muso oa heso ho ntlafatsa litsela le marokho a teng. Ho bonahetse ka nako e telele mahlo a shebile feela ho phunya litsela tse nchatseo kamorao ho moo li sa lokisoeng ka mokhoa o lokelang,hoo litsela tsena li qetellang li sa phele nako e telele kaha li senyeha kapele ’me li qose ’Muso ho li aha bocha ka lichelete tse ngata.
Bo ‘M’e le Bo Ntate,
Hopolang ka mehla sechaba sa heso hore bonngoe le kopano ea rona re le sechaba ke tšiea ea bohlokoa bophelong ba rona ho isaNaha ea habo rona botleng. Morena Moshoeshoe le bo Morena Lethole le ba bang Marena a maholo a Basotho ba re sietse lefa le molemo leo re lokelang ho lehopola ka mehla hore khotso ke khaitseli ea rona re le Sechaba sa Basotho. Ka ha khaitseli ea motho ke ntho e ratehang, ke kopela tsela ena le lintlafatso tsohle hore le li baballe le li boloke molemong oa lona le naha joalokaha motho a ka lakatsa paballeho ea khaitseli ea hae.
Ntumelleng hee ke hona sechaba sa heso ke koale puo eaka ka ho le lebohela sechaba sa Likila le Makhoakhoa ekasitana le Basotho bohle ka ntlafatso ena, le hore kephatlalatse khaho ea tsela ena e kopanyang Marakabei le Monontša e thakhotsoe ka molao.
KHOTSO! PULA! NALA!