Ke boikarabello ba Lekala la Mesebetsi ea Sechaba ho bona hore sechaba se fihla litšebeletsong tsa bohlokoa tse kang tsa bophelo le likolo ntle le tšetiso ea letho. Mantsoe ana a builoe ke Mohlomphehi Lebohang Monaheng nakong eo a khakolang khaho-bocha ea marokhoana a sentsoeng ke lipula tse sa tsoa na ho tloha mafelong a selemong sa 2020. Tsena li etsahetse ka la 08 Khapung le Konkotiea seterekeng sa Leribe.
Mohlomphehi Monaheng o ile a lebohela sechaba kaha se tlo imona monoana ka borokhoroana le khiro, a re ke boikarabello ba ‘Muso ho isa litšebeletso sechabeng. O tsoetsepele ho hlahisa mokonteraka sechabeng ‘me a ipiletsa ho sona ho sebetsa le eena hantle ele hore a tle a tsebe ho phethela mosebetsi ka makhethe le ka nako e beiloeng. A ipiletsa ho sechaba ho qoba ho mo nonosa limpho ka khopolo ea hore o tla ba fa mosebetsi ka litsela tse sa nepahalang.
Mokhethoa oa Lebatooa la Matlakeng Mohlomphehi Moshe Leoma o qalile ka ho hopotsa sechaba ka nalane ea litaba tsa ho tloha ha a qala ho etsa lipotso ka Ntlong ea Bakhethoa ka litaba tsa tsietsi ea borokhoana boo. A leboha Mohlomphehi Monaheng ka tsela e khethehileng ka ho phethahatsa tšepiso ea hae. Emong oa bakhethoa ba Lebatooa leo, o ile a ipiletsa ho bakhethoa bohle ba Matlakeng hore ho ntšoe lipolotiki nakong eo ho fuoa sechaba mosebetsi.
Ha a buoa mosebetsing o tšoanang, Mongoli e Moholo oa Lekala la Mesebetsi ea sechaba Monghali Retšelisitsoe Mohale o itse bona ele bahlanka ba tlola matjato ho thapisa linoka le linokana tse bokaako le ho qhaqha mafika a emeng ka tseleng ea bona molemong oa ho fetola bophelo ba sechaba sa Basotho. Borokhoana ba Khapung bo kopanya Botha-Bothe le Leribe ‘me bo tlo ahoa ka M3,8 million.

29
17 


06 

16
16 
04 

24 

17 

24 



25 